

Sustainable (Wheat) (2335 words)							Sesotho

Ho hlongwa ha dihwai tsa makgonthe tsa ba batsho dijothollong



Instructions: 

Folio strap: Lenaneo la ntshetsopele ya molemi

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Potso e totobetseng ke “Hobaneng?” Re ipapisitse le ntjhafatso e simollotseng ho tloha ka 1994, lefapha la motheo la temo ke karolo e ileng ya hloka ntjhafatso e bonahalang. Re tseba nalane ya rona, mme re ntswe leng hore lefapha lena le tshwanetse ruri ho fetoha. 

Mmuso o tshepa hore 30% ya mobu wa temo e tshwanetse hore e be e le matsohong a balemi ba batsho ka 2015. Re kgodisehile hore mmuso ha o batle feela ho fetisetsa thaetlele ya mobu ho ba batsho – sepheo sa phetoho le ntjhafatso se fupere tsena: 

30% ya mobu wa temo e matsohong a balemi ba batsho;

30% ya dijo tsohle le tshwele yohle di tshwanetse ho hlahiswa mobung ona; le hore

30% ya balemi bohle e tshwanetse ho ba ba batsho. 

Nakong e telele re fihlile moo re dumellanang hore temo e shebane haholo le molemi ho feta polasi (temo) ka boyona – e haholo ka mopalami wa pere ho feta pere ka boyona, e haholo ka mokganni wa sefofane ho feta sefofane ka bosona!

E nngwe ya dintho tse thatafatsang diphetoho temong ke hobane temo e fupere ntho tse ngata, e fapane. Molemi ya atlehileng o tshwanetse ho ba le masimo a nepahetseng, a lekaneng tulong eo maemo a tlelaemete a lokelang tlhahiso e itseng, diterekere, disebediswa (metjhine) tsa temo, ditjhelete tsa tlhahiso, mebaraka, le meralo ya motheo (infrastructure). Balemi ba tlamehile ho ba bomanejara bao ntle le pelaelo ba nang le bokgoni bo hlwahlwa: ba hlokomela mobu, dimela, mehlape, metjhine, basebetsi, mebaraka, tjhelete – mme tsena tsohle, ka ntle mane, ba mohaung wa tsona. 

Ha re etla tabeng ya ntshetsopele, ha ho institushene le e le nngwe kapa mokgatlo o ka phethahatsang mosebetsi wa ntshetsopele ya molemi le phetoho ho tsa temo. Mohlomong re ka simolla ka ho sheba mobu – e leng taba e qholotsang maikutlo. 

Ka mora 1994, Lefapha la Ditaba tsa Naha (le ntshetsopele ya mahaeng) le simollotse ka ntjhafatso ya mobu (ho kgutlisetsa batho mobu wa bona, e leng taba eo re ke keng ra e ama kajeno). Ka bomadimabe, ditebello tsa batho mabapi le temo e ne e se tse utlwahalang, mme ba bangata ba ne ba nahana hore ho ba le mobu ke isang boruing. SLAG (Settlement Land Acquisition Grant kapa thuso ya tjhelete ho ba kgutliseditsweng mobu wa bona) e file lelapa ka leng R15 000. Leano ka bolona le bile le morero o motle, empa ha re shebisisa ditaba hantle re lemoha hore ho bokella batho ba bangata nqa e le nngwe e bile ho baka mathata le dikgohlano. LRAD (Land Redistribution for Agricultural Development policy), e leng thuso ya tjhelete e fuwang batho e bile pakeng tsa R20 000 le R100 000, mme e nnile ya theoha jwalo butlebutle, mme e bile ntlafatso ya SLAG, empa le teng, bongata ba thuso ya tjhelete bo nnile ba qobella batho ho iketsa dihlopha le hoja e bile tse nyenyane. Jwale mokgwa o motjha o se o le teng o bitswang PLAS (Proactive Land Acquisition system), o fang batho monyetla wa ho itotobatsa hore ba ka ikemela e le balemi nakong eo e ntseng e le bahlokomedi feela nakong ya dilemo tse tharo, mme ba ena le monyetla wa ho reka, e leng ntho e ntjha e bileng siyo nakong e fetileng. Sena se bakile diphephetso tse ngata tse ntjha. Jwale molemi o behilwe boemong ba mobu o lokelang ho sebetswa ka katleho empa molemi o eme le monna Mateneng, ha a tsebe seo a lokelang ho se etsa ka se leng matsohong a hae. Nnete ke e reng, ho ya filweng haholo ho lebelletswe tse ngata. Balemi bana ba filwe tse ngata, empa ha ba tsebe hore ho sebetswa jwang, mme ka baka lena, re sitwa ho lebella tse ngata ho bona. Re fumane balemi ba emeng hantle, ba nang le diterekere le disebediswa tsa temo, empa bothata ke hore ha ba tsebe hore ntho tsena di sebetsa jwang. 

Selei se kgitlile lejwe! Mabapi le ntjhafatso ya mobu, re tshwanela ho kgutlela potsong ya rona ya motheo – re leka ho etsa eng? Na re leka ho fa motho thaetlele deed ya sekotwana sa mobu, kapa re leka ho hlahisa molemi? Le hoja taba ena e tadimeha e se na kelello ho ba bang, dintho tsena di fapane haholo. Ho ba le masimo ha ho bolele hore jwale o se o le molemi jwalo ka ha ho ema ka karatjheng ho sa o etse mmotorokara! 

Ho kgona ho sebetsa mobu, ho hloka dintho tse ngata. Ya pele ya bohlokwa ka ho fetisisa ke tsebo le bokgoni. Ha o sa tsebe seo o se etsang, setsweng ke ha Molapo, ha ho moo o yang teng! 

Mona Grain SA re lehlohonolo hobane re na le monyetla wa ho ba le lenaneo la ntshetsopele ya molemi le tsheheditsweng ka ditjhelete ke ba Maize Trust hammoho le ba Winter Cereals Trust (koro le lesere le kgarese), Oil and Protein Seeds Development Trust (soneblomo le soya beans), hammoho le ba Sorghum Trust. Mananeo a rona a reretswe ho fa balemi ba batsho ba dijothollo bokgoni ba ho ba bahwebi ba mmakgonthe. Ha re etse kgwebo ya letho, empa sepheo sa rona ke kwetliso, ntshetsopele ya bokgoni, matlafatso le ntshetsopele ya boikemelo. 

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa ka ho fetisisa tsa ntshetsopele ya molemi, eo hangata e tlodiswang mahlo, ke hore o tshwanetse ho fumana molemi “moo a leng teng” le ho mo tshehetsa hore a ahe hodima seo a seng a se tseba. O sitwa ho beha marulelo hodima moaho o se nang mabota. Haufinyana ke ne ke hlalosetsa motho e mong taba ena – ke re, ha o fumana batho ba sebedisa dipholo ho lema masimo a bona, ba thuse ho sebedisa peo e ntle, le manyolo a nepahetseng le mehato e nepahetseng ya taolo ya mahola. Motho enwa a araba ka ho re nna ke leka ho tsitlallela tabeng ya ho boloka batho ba batsho ba fokola, ba futsanehile! Ho hang sena ha se nnete – nnete feela ke hore o tshwanetse ho aha hodima seo o se tsebang. 

Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi

Lenaneo le laolwa ho tloha Bothaville, mme re na le diofisi tsa mabatowa Zeerust, Klerksdorp, Nelspruit, Ladybrand, Mthatha, Vryheid le Kokstad. Lenaneo la rona le fupere diprojeke tse fapaneng, tse ding tsa tsona ke tse hlahellang tlase mona:

Qalong, balemi ba kgothaletswa ho bopa dihlotshwana kapa mekgatlo ya balemi (batho ba sebaka se le seng ba thahasellang ntlafatso ya temo ya bona). Mohokahanyi ka mong wa lebatowa o thusa dihlopha tsa boithuto tse pakeng tsa 15 le 30 kgwedi le kgwedi, mme o tataisa ditho lenaneong la kwetliso la selemo kaofela. Hajwale re na le dihlopha tsa boithuto tse 120. 

Diploto tse pakeng tsa 5 le 10 di jalwa lebatoweng ka leng moo ho bontshwang mekgwa e metle ka ho fetisisa ya temo. Mona balemi ba kgona ho bona melemo ya tokiso e ntle ya mobu, manyolo a nepahetseng, palo e nepahetseng ya dimela hammoho le taolo e nepahetseng ya mahola le dikokwanyana. Lemong sena re na le diteko tse 50 tsa dipontsho. 

Matsatsi a balemi a tshwarwa nakong yohle ya sehla sa kgolo – haholoholo dibakeng tseo diteko di tshwarelwang ho tsona. Batho ba fapaneng ba nang le seabo ba memelwa meketeng ena. Lemong sena, re tla be re keteka matsatsi a Balemi a 80. Ena ke qaleho ya ho bopa dikgokahano tsa tshehetso ho balemi ba tikoloho ena. 

Setswalle ke ntho e kgothaletswang le bohle ba tshehetsang mosebetsi wa bolemi jwalo ka dikhamphane tse fepelang ka thepa ya temo, e leng tsa peo, manyolo, dikhemikhale, jwalojwalo, ho kenyeleditswe le mekgatlo e meng ya setjhaba e ka thusang balemi ka dintlha tse ding tse amanang le temo, tse seng tlasa lenaneo lena, mafapha a temo, Agri-business, mekgatlo e adimanang ka ditjhelete, ARC le e meng e kgemang le yona. Haeba re batla ho tswela pele, Mosotho o re letshwele le beta poho.

Ho teng tlhodisano ya Grain SA ya Molemi wa Selemo. Ena ke e ananelang le ho thoholetsa tshebetso e hlahileng ka mahetla, mme e hlahisa batho bao e leng mehlala e metle e kgothaletsang balemi ba bang tseleng ena ya kgwebo. Tlhodisano e mekga e mmedi – e nngwe ke ya balemi ba banyane, ba ntseng ba thuthuha, e nngwe ke ya balemi ba bahwebi, ba seng ba tswetse pele haholo. Sena se simollotse ka baka la balemi ba ntseng ba thuthuha, ba ikutlwileng hore ba hloka kgothaletso le bona. 

Lenaneo la boemo bo phahameng la molemi le shebane haholo le sehlopha se ikgethileng sa lebatowa ka leng. Ba bang ba balemi ba se ba hatetse pele tseleng ena ya kgwebo, mme ba hloka ho tshehetswa ka mananeo a hlophisitsweng hantle, a ba lokelang, a fapaneng, a arabelang ditlhoko tse ikgethileng tsa bona. Sepheo sa rona ke ho thusa balemi bana ka lenaneo la ntshetsopele nakong ya dilemo tse ka bang tharo, mme hore ho ananelwe tswelopele, re hlomme sehlopha se bitswang 250 ton Club. Mothating ona ke balemi ba 21 bao e leng ditho tsa sehlopha sena (bronze), ditho tse 13, 500 ton Club (silver) le tse 7, 1 000 ton Club (gold). Balemi bana ba hloka tjhelete ya kadimo – re tla bua ka taba ena hamorao. 

Kwetliso ya balemi ka dithuto tse nkang beke ke ntlha e nngwe eo re tsepamisang maikutlo ho yona. Hajwale re na le dithuto tsa Poone, Soneblomo, Mabele, Koro, Matokomane, Tlhahiso ya Poone le Kgarese e Nosetswang, Konteraka temong, Tlhokomelo ya terekere le disebediswa tsa temo, Tlhahiso ya boemo bo phahameng ya Poone le Mmaraka, Tekolo ya Mehlodi le Moralo wa Polasi, Thuto ya Ntshetsopele ya Bokgoni, Tokiso ya Motheo ya Enjene le Phaello ka Polasi. Lemong tse hlano tse fetileng re ile ra fana ka dithuto tse 375, mme ra ama bophelo ba balemi ba 7 000. Lemong tse fetileng re kgonne ho kwetlisa diofisiri tsa katoloso, mme sena se amohetswe hantle haholo. Tlhoko ya kwetliso ena e matla haholo, mme maikutlo a batho tabeng ena a bontshitse thahasello e kgolo.

Lenaneo le hasa diteisheneng tse nne tsa radio, Motsweding, Lesedi Ligwalagwala le Umhlobo Wenene. Ona ke mokgwa o matla wa ho fihlella batho le ka taba tsohle ka ho hlaka.

Re boetse re na le phatlalatso ya kgwedi le kgwedi – Pula/Imvula, e leng lengolo la ditaba la maqephe a robedi, le kgemang mmoho le ditshwantsho. Lengolo lena le hatiswa ka dipuo tse 7 (Sesotho, Setswana, Sesotho sa Leboa, IsiXhosa le Sezulu), mme palo ya ona ke dikopi tse 20 ka kgwedi. Re boetse re na le kgatiso ya kotara le kotara ya Dipeo tsa koro le oli (Wheat and Oil seeds). 



Tshehetso ya balemi ke taba e boima, e nkang nako. Re sitwa ho ntshetsa pele balemi nakong e kgutshwanyane ya selemo kapa tse pedi. Re na le batho ba bangata ba nang le seabo mosebetsing ona, mme molemong wa ho baballa ditshenyehelo, re sa tswa kenya tshebetsong mokgwa wa ho etsa dipehelo ka websaete e ikgethileng. Sena se bolela hore mang le mang ya sebetsang le molemi ya itseng o kgona ho bona tswelopele ka difoto, mme tshehetso e ka etswang ka ho otloloha masimong e ka hokahanngwa ka nako. 



Ke mang ya tshwanetseng ho tshehetsa balemi bana? 

Ke mang ya tshwanetseng ho tshehetsa balemi bana – na ke morwalo wa Lefapha la Temo hammoho le ditshebeletso tsa katoloso? Ena ke e nngwe ya dintlha tse amang maikutlo haholo. Ke taba e amang phetoho ya temo le ntshetsopele ya molemi. Ntshetsopele ya molemi ke taba e boima (hape ka baka la ho nama ha tsamaiso ya tsa temo). Mafapha a kentse ntjhafatso basebeletsing ba ona ka potlako, mme a kgetha palo e kgolo ya baatolosi (diofisiri) ba bohlale, ba rutehileng, empa ba tsebang hanyane ka temo. Bongata ba baatolosi bana ha se batho ba kileng ba hama le yona kgomo, kapa ba nwesa nku moriana, kapa ba lema ka mohoma, ba sebetsana le metjhine ya polasi, ba calibreita/sotha sefafatsi kapa plantere. Ho a hlaka hore batho bana ba hlolehile ruri. Ba ne ba lebelletswe ho etsa seo ba ke keng ba se etsa, mme ka hoo, ba hlolehile. E mong wa baatolosi o re kumetse hore yena o etela balemi feela ha ba se ba qetile ho sebetsa – O re ba a ipata nakong ya mosebetsi o mongata wa sehla hobane ba tshaba hore molemi a ka nna a ba kopa thuso e itseng! Haeba Lefapha la Temo le fela le ikemiseditse ho ntshetsa pele balemi, baatolosi bana ba tshwanetse ho boela ba kwetliswa hape, mme re tshwanetse ho hlokomela hore ho se sebediswe hape batho ba ileng ba ba kwetlisa. Ha o tswela pele ho etsa seo o neng o ntse o se etsa, o tla nne o tswele pele ho fumana seo o nnileng wa se fumana. Re tlamehile ho fumana batho ba ka tshwarang ka matsoho, ba nang le boiphihlelo. Ke bona ba ka kenyang bophelo le ntjhafatso tshebeletsong ya katoloso – batho ba tsebang taba tsa bona! 



Nako ya ho etsa qeto

Ke dumela hore mona Afrika Borwa re fihlile moo re tshwanetseng ho etsa qeto. Na ruri re batla ho ikemela tabeng ya dijo le tshwele kapa tjhe? Na re batla ho ba le tshireletso ya naha mabapi le dijo? Na re ikemiseditse ho hlokomela lefapha la temo le ikonomi ya mahaeng, kapa re shebile thepa e tla romellwa e etswa dinaheng tse ka ntle? Kelellong tsa rona re na le dipotso tse latelang: 

Na re kgona ho romellwa dijo tsohle tsa rona ke dinaha tse ding? 

Re tla kenya phapanyetsano e hlokahalang ya ditjhelete (foreign exchange) tshebetsong jwang? 

Na meralo ya rona ya motheo e kgona ho jara mosebetsi wa thomello ya thepa ho tswa ka ntle? 

Na lefatshe lohle le tla re fepa ha ho haella dijo ka baka la Tshebetso e itseng ya Modimo? 

Ho tla etsahala eng ka mabatowa a temo a leng mahaeng (rural)? 

Ho tla etsahala eng ka dinaha tse bapileng le rona? 



Balemi ba batsho ha se mekopakopa, mme ha ba batle ho fetolwa yona. Balemi ba ipatlela feela ho monyetla wa ho etsa phaello. Ha balemi bana ba ka kgona ho iketsetsa phaello feela, ba ke ke ba mathela thusong ya ditjhelete mabapi le tlhahiso ya bona, kapa diterekere, kapa masimo, kapa disebediswa tsa temo le metjhine – ba tla ithekela dintho tsena kaofela ka bobona. Ba batla feela ho tshireletswa tlhodisanong e tleseng leeme, e hlokang toka, e le hore ba kgone:

Ho fepa le ho apesa setjhaba;

Ho etsa hore ikonomi e tsitse;

Ho theha mesebetsi; le

Ho hlokomela mehlodi ya tlhaho ya naha tsa rona. 



Ho fihlella tsena, ba tlamehile ho etsa phaello.



Nako le nako ha komiti ya ditekanyetso tsa dijothollo e hlahisa ponelopele ya yona, ditheko di a theoha, di kenya balemi tsietsing. Balemi ba rona, ba batsweu le ba batsho, ba batla ho hlahisa haholo masimong a bona. A re keng re shebaneng le maemo a bona ka nnete. A re keng: 

Re emiseng ka thepa e theko e tlase e tswang dinaheng tseo tlhahiso e thuswang ke mmuso ka ditjhelete;

Re atoloseng mmaraka:

Re hlahiseng bio fuels le ethanol;

Re eketseng boleng tlhahisong ya rona, re se ke ra wela sefing sa Afrika sa ho romella ka ntle thepa e song ho lokiswe, mme ra romellwa ke naha tse ding thepa e seng e feletse e lokisitswe; le

Re fepang dikolobe, ditsuonyana le ditlhapi ka dijothollo tsa rona tseo re sa di hlokeng. A re tloheleng ho saenela dikonteraka tsa ho romellwa thepa ke ba bang moo re qetellang re romellwa nama ya bona ya kolobe, ditsuonyana le mahe. 

	

Re bolellwa hore re tshwanetse ho hlodisana mmarakeng o bulehileng. Tlhodisanong e nngwe le e nngwe ho teng mekga e fapaneng. Ditebeleng, mohlala, ho sebetsa taba ya boima, mme boraditebele ha ba a tshwanela ho sebedisa disteroids. Le ha ho le jwalo, balemi ba Afrika Borwa ba hlodisana lefapheng la boima bo hodimo kgahlanong le balemi ba bang le mebuso ya bona “e sebedisang disteroids” – re batla feela ho lwana “ntwa e hlokang leeme”. 

Ke nnete, katleho e teng Ntshetsopeleng ya Molemi, empa ba atlehileng ha ba bakae ka palo indastering ena ya temo. Re ipiletsa ho mang kapa mang ya ratang ho tlisa phetoho hore a thuse ho rarolla qaka eo re shebaneng le yona – katleho phaellong ya lefapha la temo. Mothating ona, dihwai di sitwa ho kena tlhodisanong – re reng ka balemi ba ntseng ba thuthuha? 

Tshireletsang balemi ba rona kgahlanong le tlhodisano e hlokang toka, mme re tla etsa Afrika Borwa e motlotlo, e nang le tshireletso ya dijo. 





